Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 1:39, 40
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 39 Moprista Tsadoke a nka lenaka le tšetseng oli+ ka tenteng+ eaba o tlotsa Solomone.+ Ka mor’a moo, ba letsa lenaka ’me batho bohle ba hoeletsa ba re: “Morena Solomone a ke a phele!” 40 Ka mor’a moo, batho bohle ba tsamaea le eena ba mo latela, ba ne ba thabile haholo ’me ba letsa makolilo, ba entse lerata hoo lefatše le ileng la thothomela.+

  • 2 Marena 11:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Jehojada a tlisa mora oa morena+ eaba ba mo roesa korone ’me ba beha Buka ea Molao*+ hloohong ea hae, ba mo tlotsa hore e be morena. Ba opa liatla ba re: “Morena a ke a phele!”+

  • 2 Marena 11:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 A bona morena a eme pel’a pilara moo marena a neng a tloaetse ho ema teng.+ Morena o ne a le moo le balaoli le batho ba letsang literompeta,+ batho bohle ba ne ba thabile ebile ba letsa literompeta. Athalia a tabola liaparo tsa hae ’me a hoeletsa a re: “Borabele! Borabele!”

  • 1 Likronike 12:39, 40
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 39 Ba ile ba lula moo le Davida ka matsatsi a mararo, ba ja ’me ba noa lintho tseo bana ba bo bona ba neng ba ba lokiselitse tsona. 40 Hape ba neng ba le haufi le bona le ba neng ba le linaheng tse hole tsa Isakare, Zabulone le Nefthali, ba ne ba tlisa lijo ka litonki, likamele, limmoulo le likhomo, ba tlisa phofo, lipolokoe tsa lifeie* tse omisitsoeng le tsa morara o omisitsoeng, veine, oli le likhomo le linku tse ngata haholo hobane Baiseraele ba ne ba thabile.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela