Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 8:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 le hopole hore ke Jehova Molimo oa lona ea le fang matla a hore le rue+ e le hore a phethe selekane sa hae seo a se hlapanyelitseng baholo-holo ba lona joalokaha a etsa kajeno.+

  • Deuteronoma 28:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Jehova o tla le bulela ntlo ea hae e tletseng ea polokelo e leng maholimo, ho fa naha ea lona pula ka nako ea eona+ le ho hlohonolofatsa lintho tsohle tseo le li etsang. Le tla alima lichaba tse ngata chelete ea lona le hoja ho ke ke ha hlokahala hore le alime letho ho tsona.+

  • 2 Likronike 1:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Molimo a re ho Solomone: “Kaha sena ke seo u se batlang ’me ha oa kopa maruo, ho hlomphuoa kapa hore ba u hloileng ba shoe ebile ha oa kopa hore u phele nako e telele empa u kopile bohlale le tsebo e le hore u ahlole sechaba sa ka seo ke u entseng morena oa sona,+ 12 ke tla u fa bohlale le tsebo, ke u fe le maruo le tlotla tseo ho se nang morena ea kileng a ba le tsona pele ho uena le tseo ho se nang morena ea tla ba le tsona ka mor’a hao.”+

  • Jobo 42:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Jehova a hlohonolofatsa Jobo ho feta pele.+ Jobo a ba le linku tse 14 000, likamele tse 6 000, likhomo tse 2 000* le litonki tse tšehali tse 1 000.+

  • Liproverbia 10:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova e ruisa motho+

      Ebile ha e tlise bohloko.*

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela