Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 17:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Molimo a re ho Abrahama: “Uena le bana* ba hao le meloko eohle ea bona le lokela ho tšepahalla selekane sa ka. 10 Sena ke selekane sa ka le lona, seo uena le bana* ba hao le tla se tšepahalla: Le bolotse motho e mong le e mong e motona.+

  • Baahloli 14:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Empa batsoali ba hae ba re ho eena: “Na u ke ke oa fumana mosali lelokong la heno kapa sechabeng sa habo rona?+ Ke hobane’ng ha u nyala mosali ho Bafilista ba sa bollang?” Empa Samsone a re ho ntate oa hae: “Ntatele eena hobane ke eena ea ntoketseng.”

  • Baahloli 15:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Joale a nyoroa haholo, eaba o re ho Jehova: “Ke uena ea thusitseng mohlanka oa hao hore a hlole. Empa na u tla ntumella hore ke shoe ke lenyora ’me ke oele matsohong a banna ba sa bollang?”

  • 1 Samuele 17:36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 36 Mohlanka oa hao o ile a bolaea tau le bere ’me Mofilista eo ea sa bollang o tla shoa joaloka e ’ngoe ea tsona hobane o rohakile* mabotho a sesole a Molimo ea phelang.”+

  • 1 Likronike 10:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Eaba Saule o re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Ntša sabole ea hao ’me u ntlhabe ka eona e le hore banna bana ba sa bollang ba se ke ba tla ’me ba nketsa hampe.”*+ Empa mojari oa lihlomo tsa hae o ne a sa batle hobane o ne a tšohile haholo. Kahoo, Saule a nka sabole ’me a itihela holim’a eona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela