Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 8:39
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 39 e se eka u ka utloa u le maholimong moo u lulang teng,+ oa ba tšoarela+ ’me oa ba thusa. U hlohonolofatse e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae+ hobane u tseba lipelo tsa bona (ke uena feela ea tsebang pelo ea motho e mong le e mong)+

  • 1 Likronike 28:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Solomone mora oa ka, tseba Molimo oa ntate oa hao ’me u mo sebeletse ka pelo eohle*+ u thabile* hobane Jehova o hlahloba lipelo tsohle+ ’me o khona ho bona lintho tsohle tseo motho a li nahanang.+ Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane+ empa haeba u mo tlohela, o tla u lahla ka ho sa feleng.+

  • Pesaleme 7:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Ka kopo, felisa liketso tse mpe tsa ba khopo.

      Empa u sireletse ba lokileng+

      Hobane u Molimo ea lokileng,+ ea hlahlobang lipelo+ le maikutlo a ka hare-hare.*+

  • Liproverbia 24:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Haeba u re: “Empa re ne re sa tsebe,”

      Na Ea hlahlobang lipelo a ke ke a lemoha menahano ea hao?+

      Ea u shebileng ka hloko o tla tseba,

      O tla buseletsa motho e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae.+

  • Jeremia 17:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 ’Na Jehova, ke hlahloba pelo,+

      Ke phenya menahano e tebileng*

      E le hore ke fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae,

      Ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae.+

  • Liketso 1:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Ba rapela ba re: “Jehova,* u tseba lipelo tsa batho bohle.+ Re kopa u re bontše hore na ho banna bana ba babeli ke ofe eo u mo khethileng

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela