-
Levitike 3:3-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 A hlahise ho Jehova karolo e ’ngoe ea sehlabelo se kopanetsoeng e le nyehelo e chesoang ka mollo+ e leng mafura+ a koahelang mala, mafura ’ohle a potolohileng mala, 4 liphio tse peli le mafura ’ohle a li potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le liphiong.+ 5 Bara ba Arone ba etse hore e kubelle aletareng holim’a nyehelo ea secheso e holim’a patsi e mollong.+ Ke nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.*+
-