1 Samuele 16:11 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 11 Qetellong Samuele a re ho Jese: “Na baa ke bara bohle ba hao?” Eaba o re: “Ho ntse ho e-na le e mong e monyenyane.+ O ntse a lisitse linku.”+ Samuele a re ho Jese: “E-re a latoe hobane re ke ke ra lula fatše ra ja a e-s’o fihle.” 1 Samuele 16:19 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 19 Eaba Saule o romela baromuoa ho Jese o re: “Romela mora oa hao Davida ea ntseng a lisa mohlape.”+
11 Qetellong Samuele a re ho Jese: “Na baa ke bara bohle ba hao?” Eaba o re: “Ho ntse ho e-na le e mong e monyenyane.+ O ntse a lisitse linku.”+ Samuele a re ho Jese: “E-re a latoe hobane re ke ke ra lula fatše ra ja a e-s’o fihle.”