Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 9:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Empa ke u bolokile u phela ka lebaka lena: hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.+

  • Deuteronoma 28:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Lichaba tsohle tsa lefatše li tla bona hore le bitsoa ka lebitso la Jehova+ ’me li tla le tšaba.+

  • 1 Marena 8:43
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 43 e se eka u ka utloa u le maholimong moo u lulang teng.+ U etse sohle seo molichaba a se kopang e le hore batho bohle lefatšeng ba ka tseba lebitso la hao ’me ba u tšaba+ le ho u hlompha joaloka sechaba sa hao sa Iseraele hape ba tsebe hore ntlong ena eo ke e hahileng ho rorisoa lebitso la hao.

  • 2 Marena 19:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Jehova Molimo oa rona re kopa u re pholose ho morena oa Asiria e le hore mebuso eohle ea lefatše e ka tseba hore uena Jehova, u Molimo u le mong.”+

  • Daniele 3:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Kahoo, ke fana ka taelo ea hore batho ba lichaba tsohle, merabe kapa lipuo tse fapaneng, ba ka buang hampe ka Molimo oa Shadrake, Meshake le Abednego, ba khaoloe likoto ’me matlo a bona a fetoloe matloana a sechaba* hobane ha ho Molimo e mong ea khonang ho pholosa batho ba hae joaloka eena.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela