Genese 39:2 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 2 Empa Jehova o ne a e-na le Josefa.+ Ka lebaka leo, a atleha ’me a behoa hore a laole ntlo ea mong’a hae oa Moegepeta. Joshua 6:27 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 27 Jehova o ne a e-na le Joshua,+ ka hona Joshua a tuma* lefatšeng lohle.+ 1 Samuele 10:7 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 7 Ha lintho* tsena kaofela li phethahala, u etse sohle seo u ka khonang ho se etsa hobane Molimo oa ’nete o na le uena. 1 Samuele 16:18 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 18 E mong oa bahlanka a re: “Ke bone kamoo mora oa Jese oa Mobethlehema a letsang harepa hamonate kateng ebile ke monna ea sebete le ea matla.+ O bua hamonate, o motle+ ’me Jehova o na le eena.”+
2 Empa Jehova o ne a e-na le Josefa.+ Ka lebaka leo, a atleha ’me a behoa hore a laole ntlo ea mong’a hae oa Moegepeta.
7 Ha lintho* tsena kaofela li phethahala, u etse sohle seo u ka khonang ho se etsa hobane Molimo oa ’nete o na le uena.
18 E mong oa bahlanka a re: “Ke bone kamoo mora oa Jese oa Mobethlehema a letsang harepa hamonate kateng ebile ke monna ea sebete le ea matla.+ O bua hamonate, o motle+ ’me Jehova o na le eena.”+