49 Bara ba Saule e ne e le Jonathane, Ishvi le Malki-shua.+ Hape o ne a e-na le barali ba babeli. Lebitso la e moholo e ne e le Merabe+ ’me la e monyenyane e le Mikale.+
11 Hamorao Saule a romela baromuoa ntlong ea Davida hore ba e lebele ’me ba mo bolaee hoseng+ empa Mikale mosali oa Davida a re ho eena: “Haeba u sa balehe bosiung bona, hosane u tla tsoha u shoele.”
13 Davida a re: “Ho lokile, ke tla etsa selekane le uena. Ntho feela eo ke e kopang ho uena ke hore u se ke oa tla ho ’na ntle leha u tla le Mikale+ morali oa Saule, ha u tl’o mpona.”
16 Empa ha Areka ea Jehova e fihla Motseng oa Davida, Mikale+ morali oa Saule o ne a shebile tlase ka fensetere ’me a bona Morena Davida a tlola-tlola a bile a tantša ka pel’a Jehova. A mo nyefola ka pelong ea hae.+