Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 9:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Eaba Davida o re: “Na ho na le motho ea setseng ntlong ea Saule, eo nka mo bontšang lerato* ka lebaka la Jonathane?”+

  • 2 Samuele 9:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Morena a tsoela pele ho re: “Na ntlong ea Saule ho sa na le motho ea setseng eo nka mo bontšang lerato* le tšoanang le leo Molimo a le bontšang?” Tsiba a re ho morena: “Mora oa Jonathane ea holofetseng maoto a mabeli o ntse a le teng.”+

  • 2 Samuele 9:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Ha Mefiboshethe mora oa Jonathane mora oa Saule a fihla ho Davida, hang-hang a khumama ka pel’a hae a inamisitse hlooho. Eaba Davida o re: “Mefiboshethe!” Eaba o re: “Mohlanka oa hao ke enoa.” 7 Davida a re ho eena: “U se ke oa tšoha hobane ke tla u bontša lerato*+ ka lebaka la ntate oa hao Jonathane hape ke tla khutlisetsa naha eohle ea ntate-moholo oa hao Saule ho uena ’me u tla ja* tafoleng ea ka kamehla.”+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela