Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 11:23, 24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Libopuoa tse ling tsohle tse nang le mapheo tse nyenyane tse tsamaeang e le sehlopha tse nang le maoto a mane, ke ntho e nyonyehang ho lona. 24 Li tla le silafatsa. E mong le e mong ea thetsang litopo tsa tsona o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+

  • Levitike 15:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Bethe leha e le efe eo monna eo setho sa hae se lutlang a robalang ho eona, e tla lula e sa hloeka le ntho leha e le efe eo a lulang ho eona e tla lula e sa hloeka. 5 Motho ea thetsang bethe ea monna eo a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+

  • Levitike 15:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Haeba monna a tsoa peo, a hlatsoe ’mele oohle oa hae ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+

  • Levitike 15:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ha monna a robala le mosali ’me a ntša peo, ba itlhatsoe ka metsi ’me ba tla lula ba sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+

  • Numere 19:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Motho e mong le e mong ea naheng ea thetsang motho ea bolailoeng ka sabole kapa ea thetsang setopo, lesapo la motho ea shoeleng kapa lebitla, o tla lula a sa hloeka ka matsatsi a supileng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela