-
1 Samuele 20:6, 7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Haeba ntate oa hao a ka mpatla, u re ho eena, ‘Davida o nkopile hore ke mo lumelle ho ea motseng oa habo Bethlehema+ kapele hobane lelapa lohle labo le e’o etsa sehlabelo sa selemo le selemo.’+ 7 Haeba a ka re, ‘Ho lokile,’ ’na mohlanka oa hao nke ke ka tšoha letho. Empa haeba a ka halefa, u tsebe hore o ikemiselitse ho ntematsa.
-