-
1 Samuele 20:19-22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
19 Ka letsatsi la boraro, joang kapa joang o tla botsa hore na u hokae. Joale u tle mona moo u kileng oa ipata teng ka letsatsi le leng* ’me u lule pel’a lejoe lena. 20 Ke tla betsa metsu e meraro ka lehlakoreng le leng la lona joalokaha eka ke betsa ntho e itseng. 21 Ha ke romela mohlanka ke tla re, ‘Tsamaea u e’o batla metsu.’ Haeba nka re ho mohlanka, ‘Bona, metsu e pel’a hao, e late,’ u ka ’na oa khutla hobane ke u hlapanyetsa ka Jehova Molimo ea phelang hore khotso e tla be e le teng ’me u ke ke oa tsoa kotsi. 22 Empa haeba nka re ho moshanyana eo, ‘Bona, metsu e holenyana le uena,’ u tsamaee hobane Jehova o batla hore u tsamaee.
-