-
2 Samuele 16:1Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Ha Davida a se a fetile hanyenyane ka holim’a thaba,+ Tsiba+ mohlanka oa Mefiboshethe+ o ne a le moo ho tla kopana le eena ka litonki tse peli, tse neng li jere lilofo tse 200 tsa bohobe, lipolokoe tse 100 tsa morara o omisitsoeng, lipolokoe tse 100 tsa litholoana* tsa lehlabula le jeke e kholo ea veine.+
-
-
2 Samuele 17:27-29Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
27 Hang ha Davida a fihla Mahanaime, Shobi mora oa Nahashe ea tsoang Raba+ ea Baamone, Makire+ mora oa Amiele ea tsoang Lo-debare le Barzilai+ oa Mogileade ea tsoang Roglime 28 ba tlisa libethe, likotlolo, lijana tsa letsopa, koro, harese, phofo, koro* e halikiloeng, linaoa tse sephara, lensisi, koro* e omisitsoeng, 29 mahe a linotši, botoro, linku le chisi. Ba tlisetsa Davida le batho lintho tsena tsohle hore ba je+ hobane ba ile ba re: “Batho ba lapile, ba khathetse ebile ba nyoriloe lefeelleng.”+
-