13 Kahoo, Saule a tlosa Davida hore a se ke a hlola a sebeletsa ka pel’a hae. A mo etsa molaoli oa ba sekete ’me Davida a etella lebotho la sesole pele ho ea ntoeng.+
28 Ke kopa u tšoarele ’na lekhoba la hao ka phoso ena hobane Jehova o tla etsa hore litloholo+ tsa hao li buse e le marena ka nako e telele kaha uena moren’a ka u loana lintoa tsa Jehova+ ’me ha u e-s’o ka u etsa letho le lebe bophelo bohle ba hao.+