-
1 Likronike 13:1-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Davida a buisana le balaoli ba ba likete le ba ba makholo le baeta-pele bohle.+ 2 Davida a re ho phutheho eohle ea Iseraele: “Haeba le lumela ’me e le taba e amohelehang ho Jehova Molimo oa rona, e-reng re romele molaetsa ho bana ba bo rona ba setseng linaheng tsohle tsa Iseraele le ho baprista le Balevi ba metseng ea bona+ e nang le makhulo hore ba tle ho rona. 3 A re lateng Areka+ ea Molimo oa rona.” Ba ne ba sa e hlokomele mehleng ea Saule.+ 4 Phutheho eohle ea lumellana le taba eo hobane e ne e utloa e nepahetse. 5 Kahoo, Davida a bitsa Baiseraele bohle ho tloha nokeng* ea Egepeta ho ea fihla Lebo-hamathe*+ hore Areka ea Molimo oa ’nete e latoe Kiriathe-jearime.+
-