-
1 Samuele 13:13, 14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Eaba Samuele o re ho Saule: “Ntho eo u e entseng ke booatla. Ha oa mamela taelo eo Jehova Molimo oa hao a u fileng eona.+ Haeba u ne u mametse, Jehova a ka be a entse hore borena e be ba lesika la hao ka ho sa feleng Iseraele. 14 Empa joale ’muso oa hao o ke ke oa tšoarella.+ Jehova o tla fumana monna ea mo khahlisang+ ’me Jehova o tla mo etsa moeta-pele oa batho ba hae+ hobane ha oa mamela taelo ea Jehova.”+
-
-
1 Samuele 16:1Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Jehova a qetella a itse ho Samuele: “U tla ’ne u utloe bohloko ka lebaka la Saule+ ho fihlela neng ha e le moo ke mo lahlile hore e se ke ea hlola e e-ba morena oa Iseraele?+ Tlatsa lenaka la hao ka oli+ ’me u tsamaee. Ke tla u romela ho Jese+ oa Mobethlehema hobane ke ikhethetse morena ho bara ba hae.”+
-