-
1 Likronike 17:23-27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Jehova, e se eka u ka phetha tšepiso eo u e etselitseng ’na mohlanka oa hao le lelapa la ka ka ho sa feleng. E se eka u ka etsa seo u se tšepisitseng.+ 24 E se eka lebitso la hao le ka lula le le teng ’me le phahamisoe+ ka ho sa feleng e le hore batho ba ka re, ‘Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, ke Molimo ho batho ba Iseraele.’ Hape e se eka ntlo ea mohlanka oa hao Davida e ka tiisoa ka thata ka pel’a hao+ 25 hobane uena, Molimo oa ka, u tsebisitse ’na mohlanka oa hao morero oa hao oa ho nkahela ntlo.* Ke ka lebaka leo ’na mohlanka oa hao ke nang le sebete sa ho u rapela ka tsela ena. 26 Jehova, u Molimo oa ’nete ebile u tšepisitse mohlanka oa hao lintho tsena tse ntle. 27 E se eka u ka hlohonolofatsa ntlo ea mohlanka oa hao ’me ea lula e le teng ka ho sa feleng kaha uena Jehova, u e hlohonolofalitse ’me e tla hlohonolofatsoa ka ho sa feleng.”
-