Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 25:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Jehova a re ho eena: “Lichaba tse peli li ka popelong ea hao+ ’me lichaba tse peli tse ka hare ho uena li tla aroloa,+ sechaba se seng se tla ba matla ho feta se seng+ ’me e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.”+

  • Genese 25:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Ka mor’a moo, lefahla le leng la hlaha ’me letsoho la lona le ne le tšoere serethe sa Esau,+ joale a le reha Jakobo.*+ Isaka o ne a le lilemo li 60 ha Rebeka a ba le mafahla.

  • Genese 27:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Batho ba ke ba u sebeletse ’me lichaba li ke li u khumamele. E-ba morena oa bana beno ’me bara ba ’mè oa hao ba u khumamele.+ Ho rohakoe e mong le e mong ea u rohakang ’me ho hlohonolofatsoe e mong le e mong ea u hlohonolofatsang.”+

  • Genese 27:37
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 37 Isaka a re ho Esau: “Ke mo entse morena oa hao+ ’me ke mo file le bana babo kaofela hore e be bahlanka ba hae. Ke mo hlohonolofalitse ka lijo* le veine e ncha.+ Ha ho sa na letho leo nka u etsetsang lona mora oa ka.”

  • Numere 24:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Edomo o tla hapuoa,+

      Seire+ o tla hapuoa ke lira tsa hae,+

      Ha Iseraele a bontša hore o sebete.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela