Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 12:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Joale Nathane a khutlela ha hae.

      Eaba Jehova o kulisa ngoana eo mosali oa Uria le Davida ba bileng le eena.

  • 2 Samuele 12:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Ha Davida a bona hore bahlanka ba hae ba ntse ba sebelana, a hlokomela hore ngoana o shoele. Davida a re ho bahlanka ba hae: “Na ngoana o shoele?” Eaba ba re: “E, o shoele.”

  • 2 Samuele 13:10-15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Joale Amnone a re ho Tamare: “Tlisa lijo* ka kamoreng, u mphe tsona ka letsoho la hao e le hore ke je.” Eaba Tamare o nka mahobe a bopehileng joaloka pelo ’me a a isa ka kamoreng ho khaitseli ea hae Amnone. 11 Ha a mo tlisetsa lijo hore a je, a mo tšoara ’me a re ho eena: “Khaitseli ea ka, tloo u robale le ’na.” 12 Empa Tamare a re ho eena: “Che, khaitseli ea ka! U se ke oa ntlotlolla hobane ntho e tjena ha e etsoe Iseraele.+ U se ke oa etsa ntho e mpe hakana.+ 13 Batho ba tla ncheba joang ka mor’a ketsahalo ee e tlotlollang? Le uena u tla nkoa u le e mong oa banna ba nyonyehang Iseraele. Ke kopa u bue le morena hobane a ke ke a u hanela ka ’na.” 14 Empa Amnone ha aa ka a mo mamela, o ile a mo hlola ka matla ’me a mo tlotlolla ka hore a mo bete. 15 Ka mor’a moo, Amnone a mo hloea haholo. A mo hloea ho feta kamoo a neng a mo rata kateng. Eaba Amnone o re ho eena: “Ema, u tsamaee!”

  • 2 Samuele 15:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Hang-hang Davida a re ho bahlanka bohle ba hae ba neng ba e-na le eena Jerusalema: “Emang ’me re baleheng+ hobane ha ho na le ea mong oa rona ea tla phonyoha ho Absalome. Potlakang e le hore a se ke a re fumana eaba oa re hlasela ebe o bolaea motse ka sabole.”+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela