Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 4:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Ha batho ba hlomolla litente tsa bona ’me ba tloha, Arone le bara ba hae ba koahele lintho tsa sebaka se halalelang le thepa eohle ea sebaka se halalelang.+ Ha ba qetile, bara ba Kohathe ba tle ba li nke+ empa ba se ke ba thetsa lintho tsa sebaka se halalelang, ho seng joalo ba tla shoa.+ Boikarabelo* ba bara ba Kohathe ke ho hlokomela lintho tsena tse amanang le tente ea pokano.

  • Numere 7:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Empa ha aa ka a fa bara ba Kohathe letho hobane mosebetsi oa bona o ne o amana le tšebeletso ea sebaka se halalelang+ ’me ba ne ba jara lintho tse halalelang ka mahetla a bona.+

  • 1 Likronike 15:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Nakong eo Davida o ile a re: “Ha ho na motho ea lokelang ho jara Areka ea Molimo oa ’nete ntle ho Balevi hobane ke bona bao Jehova a ba khethileng hore ba jare Areka ea Jehova le ho mo sebeletsa kamehla.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela