Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 24:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 A re ho banna ba hae: “Ho hang Jehova a ke ke a lumela hore ke etse ntho e tjena ho moren’a ka e leng motlotsuoa oa Jehova, ea hore ke lematse moren’a ka hobane ke motlotsuoa oa Jehova.”+ 7 Kahoo, Davida a thiba* banna ba hae ka ho cho joalo ’me ha aa ka a ba lumella hore ba hlasele Saule. Ha e le Saule, a tloha lehaheng ’me a tsamaea.

  • 1 Samuele 26:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Leha ho le joalo, Davida a re ho Abishai: “U se ke oa mo lematsa kaha ha ho na motho ea ka lematsang motlotsuoa oa Jehova+ ebe o lula a se na molato.”+

  • 1 Samuele 26:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ho hang Jehova a ke ke a lumela hore ke ntše motlotsuoa oa Jehova+ kotsi. Ke kopa u nke lerumo le pel’a hlooho ea hae le jeke ea metsi ’me re tsamaee.”

  • Pesaleme 3:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Jehova, ke hobane’ng ha lira tsa ka li le ngata hakaale?+

      Ke hobane’ng ha ba ntoantšang ba le bangata hakaale?+

       2 Ba bangata ba re ka ’na:

      “Molimo a ke ke a mo pholosa.”+ (Selah)*

  • Pesaleme 7:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Jehova Molimo oa ka, ke balehetse ho uena.+

      Mpholose ho bohle ba ntlhorisang.+

  • Pesaleme 71:10, 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Lira tsa ka li bua hampe ka ’na,

      Ba batlang ho mpolaea ba rera lintho tse mpe ka ’na,+

      11 Ba re: “Molimo o mo lahlile.

      Mo lelekiseng, le mo tšoare hobane ha ho na motho ea tla mo pholosa.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela