Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 1:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Babelehisi ba re ho Faro: “Basali ba Baheberu ha ba tšoane le basali ba Baegepeta. Ba phetse hantle ’me ba beleha le pele ’melehisi a ka tla ho bona.”

  • Joshua 2:3-5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Eaba morena oa Jeriko o romela molaetsa ho Rahaba o re: “Ntša banna ba tlileng mona, ba keneng ka tlung ea hao hobane ba tlile ho tla hloela naha ena eohle.”

      4 Empa mosali eo a pata banna bao ba babeli. Eaba o re: “Ke ’nete hore banna bao ba ile ba tla ho ’na empa ke ne ke sa tsebe hore na ba tsoa hokae. 5 Ha ho e-ba lefifi ’me keiti ea motse e se e tl’o koaloa, banna bao ba ile ba tsoa. Ha ke tsebe hore na ba ile hokae empa haeba le ka ba lelekisa kapele, le tla ba tšoara.”

  • 1 Samuele 19:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Hang-hang Mikale a ntša Davida ka fensetere e le hore a balehe.

  • 1 Samuele 19:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Saule a romela baromuoa hore ba late Davida empa Mikale a re: “Oa kula.”

  • 1 Samuele 21:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Davida a araba moprista Akimeleke a re: “Morena o ntaetse hore ke etse ntho e itseng empa o itse ke se ke ka bolella motho leha e le ofe ka ntho eo a itseng ke e’o e etsa le ka litaelo tseo a mphileng tsona. Ke hlophisitse le bahlanka ba ka hore re kopane sebakeng se itseng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela