19 Eaba morena o re ho Itai+ oa Mogathe: “Ke hobane’ng ha le uena u tsamaea le rona? Khutla u sale le morena e mocha hobane u molichaba ebile u balehile naheng ea heno.
21 Empa Itai a re ho morena: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang le ka moren’a ka ea phelang hore ’na mohlanka oa hao ke tla ea hohle moo u eang teng moren’a ka ’me ke ikemiselitse ho shoa le uena.”+