-
2 Samuele 17:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Eaba Akitofele o re ho Absalome: “Ke kopa u ntumelle hore ke khethe banna ba 12 000 ’me re tsamaee re e’o lelekisa Davida bosiung bona. 2 Ke tla mo hlasela ha a khathetse ebile a se na matla*+ ’me ke mo tšose. Batho bohle ba nang le eena ba tla baleha ’me ke tla bolaea morena feela.+ 3 Joale ke tla khutlisetsa batho bohle ho uena. Taba ea hore batho bohle ba khutle, e itšetlehile ka se tla etsahala ka monna eo u mo batlang. Kahoo, batho bohle ba tla ba le khotso.”
-