Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 7:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Joale Joshua le Baiseraele bohle ba nka Akane+ mora oa Zera hammoho le silevera, seaparo se khethehileng le setene sa khauta+ le bara ba hae, barali ba hae, likhomo tsa hae, litonki tsa hae, mehlape ea hae ea linku le lipoli, tente ea hae le lintho tsohle tsa hae ’me ba li isa Khohlong* ea Akore.+

  • Joshua 7:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Ba etsa qubu e kholo ea majoe holim’a hae, e ntseng e le teng ho fihlela letsatsing lena. Eaba bohale ba Jehova boa kokobela.+ Ke ka lebaka leo sebaka seo se bitsoang Khohlo ea Akore* ho fihlela letsatsing lena.

  • Joshua 8:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 A fanyeha morena oa Ai palong* ho fihlela mantsiboea. Eaba ha letsatsi le le haufi le ho likela, Joshua o laela hore setopo sa hae se theoloe palong.+ Ba se lahlela keiting ea motse ’me ba beha qubu e kholo ea majoe holim’a hae, e ntseng e le teng ho fihlela letsatsing lena.

  • Joshua 10:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Kahoo, ba ntša marena ana a mahlano ka lehaheng ’me ba a tlisa ho eena: morena oa Jerusalema, morena oa Hebrone, morena oa Jarmuthe, morena oa Lakishe le morena oa Eglone.+

  • Joshua 10:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ha letsatsi le likela Joshua a laela hore ba a theole lipalong+ ’me ba a lahlele ka lehaheng leo a neng a ipatile ho lona. Joale ba beha majoe a maholo molomong oa lehaha ’me a ntse a le teng ho fihlela letsatsing lena.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela