Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 21:8-11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Kahoo, morena a nka Armoni le Mefiboshethe e leng bara ba babeli ba Rizpa+ morali oa Aja bao a neng a bile le bona le Saule le bara ba bahlano ba Mikale*+ morali oa Saule bao a neng a bile le bona le Adriele+ mora oa Barzilai oa Momehola. 9 A ba fa Bagibeone ’me ba fanyeha litopo tsa bona thabeng ka pel’a Jehova.+ Kaofela ha bona ba supile joalo ba ile ba shoa hammoho matsatsing a qalang a kotulo, ha ho qaloa ho kotuloa harese. 10 Eaba Rizpa+ morali oa Aja o nka lesela le hoashang* o le ala holim’a lerako ho tloha ha ho qaloa ho kotuloa ho fihlela ha pula e nela litopo. Motšehare ha aa ka a lumella linonyana tsa leholimo hore li lule holim’a tsona le bosiu ha aa ka a lumella libata tsa naha hore li atamele litopo tseo.

      11 Davida a bolelloa hore na serethe* sa Saule e leng Rizpa morali oa Aja se entse’ng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela