21 Akitofele a re ho Absalome: “Robala le lirethe* tsa ntate oa hao+ tseo a li siileng hore li hlokomele ntlo.*+ Ha Iseraele eohle e utloa hore u ikentse motho ea nyonyehang ho ntate oa hao, batho ba u tšehetsang ba tla u tšehetsa le ho feta.”
22 Morena Solomone a re ho ’mè oa hae: “Ke hobane’ng ha u kopa hore Abishage oa Moshuneme a fuoe Adonija? Ke hore u hle u mo kopele le borena+ hobane ke abuti oa ka+ ’me o tšehetsoa ke moprista Abiathare le Joabe+ mora oa Tseruja.”+