-
1 Likronike 21:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Satane* a loantša Baiseraele ’me a susumelletsa Davida hore a bale Baiseraele.+ 2 Davida a re ho Joabe+ le balaoli ba sechaba: “Tsamaeang le e’o bala Baiseraele ho tloha Beersheba ho ea fihla Dane.+ Ka mor’a moo, le mpolelle e le hore ke tle ke tsebe palo ea bona.” 3 Empa Joabe a re: “E se eka Jehova a ka eketsa batho ba hae ka makhetlo a 100. Moren’a ka, kaofela ha bona e se e ntse e le bahlanka ba hao. Ke hobane’ng ha u batla ho etsa ntho ee? Ke hobane’ng ha u etsa hore Baiseraele ba be molato?”
-