-
1 Likronike 21:8-13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Davida a re ho Molimo oa ’nete: “Ke entse sebe+ se seholo ka ho etsa ntho ena. Ke kopa u ntšoarele+ hobane ke entse ka booatla.”+ 9 Jehova a bua le Gade+ ea bonang lipono bakeng sa Davida a re: 10 “Tsamaea ’me u re ho Davida, ‘Jehova o re: “Ke u fa likotlo tse tharo. Ikhethele eo u e batlang.”’” 11 Gade a tla ho Davida a re ho eena: “Jehova o re, ‘Ikhethele 12 hore na ho be le lilemo tse tharo tsa tlala+ kapa likhoeli tse tharo u bolaoa ke lira tsa hao ’me li u hlasela ka sabole+ kapa matsatsi a mararo a sabole ea Jehova, e leng hore lengeloi la Jehova le tlise lefu la seoa naheng eohle ea Iseraele.’+ Joale inahane ’me u mpolelle hore na ke re’ng ho ea nthomileng.” 13 Davida a re ho Gade: “Ke tšoenyehile haholo. Re kopa hore re se ke ra fuoa kotlo ke motho+ empa e be Jehova ea re fang kotlo hobane eena o mohau haholo.”+
-