28Akaze+ o ne a le lilemo li 20 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16. O ne a sa tšoane le moholo-holo oa hae Davida hobane o ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova.+
5 Jehova Molimo oa hae a etsa hore morena oa Siria a mo hlole+ a be a nke batšoaruoa ba bangata a ba ise Damaseka.+ Morena oa Iseraele le eena o ile a mo hlola a ba a bolaea batho ba hae ba bangata.