-
1 Likronike 21:16, 17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Ha Davida a sheba holimo, a bona lengeloi la Jehova le eme sepakapakeng le tšoere sabole+ ’me le supile Jerusalema ka eona. Hang-hang Davida le baholo ba itihela fatše, ba inama+ ba ikoahetse ka masela a hoashang.*+ 17 Davida a re ho Molimo oa ’nete: “Na ha se ’na ea itseng ho baloe batho? Ke ’na ea entseng sebe ’me ke ’na ea entseng phoso+ empa linku tsee tsona li entse’ng? Jehova Molimo oa ka, ke kopa hore u tlise kotlo ena ho ’na le ho ba lelapa la ntate oa ka empa u se ke oa otla sechaba sa hao.”+
-