Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Likronike 21:18-23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Lengeloi la Jehova la re Gade+ a bolelle Davida hore a nyolohe a e’o etsetsa Jehova aletare seotlong sa Ornane oa Mojebuse.+ 19 Eaba Davida oa nyoloha ka mor’a hore moprofeta Gade a mo bolelle seo Jehova a se buileng. 20 Ka nako eo, Ornane o ne a ntse a pola koro. Ha a hetla, a bona lengeloi. Bara ba hae ba bane ba neng ba e-na le eena ba ipata. 21 Ha Davida a tla ho eena, Ornane a mo bona ’me hang-hang a tsoa seotlong a inamela Davida sefahleho sa hae se shebile fatše. 22 Davida a re ho Ornane: “Nthekisetse* sebaka sena sa seotlo e le hore nka hahela Jehova aletare ho sona. Nthekisetse sona ka chelete e feletseng hore boloetse bona bo tšoereng batho bo tle bo felisoe.”+ 23 Empa Ornane a re ho Davida: “Inkele sona moren’a ka ’me u etse seo u bonang se le molemo. Likhomo tsa nyehelo ea secheso ke tsena ke fana ka tsona le selei+ sa ho pola* bakeng sa patsi hammoho le koro bakeng sa nyehelo ea lijo.* Ke fana ka tsona kaofela.”

  • 2 Likronike 3:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Solomone a hahela Jehova ntlo+ Jerusalema Thabeng ea Moria+ moo Jehova a ileng a hlaha ho ntate oa hae Davida,+ sebakeng seo Davida a neng a se lokisitse seotlong sa Ornane+ oa Mojebuse.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela