-
2 Likronike 1:7-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Bosiung boo, Molimo a hlaha ho Solomone a re ho eena: “Mpolelle hore na u batla ke u fe eng.”+ 8 Solomone a re ho Molimo: “U ile oa bontša ntate oa ka Davida hore u mo rata haholo+ ’me oa etsa hore ke mo hlahlame boreneng.+ 9 Jehova Molimo, e se eka ntho eo u e tšepisitseng ntate oa ka Davida e ka phethahala+ hobane u nkentse morena oa batho ba bangata joaloka lerole la lefatše.+ 10 Mphe bohlale le tsebo+ e le hore nka etella sechaba sena pele kaha ha ho motho ea ka khonang ho ahlola sechaba sena sa hao se seholo.”+
-