Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 6:3-11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Batho bohle ba Iseraele ba ne ba ntse ba eme ka pel’a morena eaba o sheba ka ho bona oa ba hlohonolofatsa.+ 4 A re: “Ho rorisoe Jehova Molimo oa Iseraele, ea phethahalitseng seo a se tšepisitseng ntate oa ka Davida ha a re: 5 ‘Ho tloha letsatsing leo ke ntšitseng sechaba sa ka naheng ea Egepeta, ha ke e-s’o khethe motse malokong ’ohle a Iseraele oo ke tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ ’me ha ho na motho eo ke mo khethileng hore a etelle pele sechaba sa ka sa Iseraele. 6 Empa ke khethile Jerusalema+ hore lebitso la ka le be moo ’me ke khethile Davida hore a etelle pele sechaba sa ka sa Iseraele.’+ 7 Ntate oa ka Davida o ne a batla ho hahela Jehova Molimo oa Iseraele ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la hae.+ 8 Empa Jehova a re ho ntate oa ka Davida: ‘Ke hantle hore ebe u batla ho haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka. 9 Leha ho le joalo, u ke ke oa haha ntlo eo empa mora eo u tla ba le eena ke eena ea tla e haha.’+ 10 Jehova o phethahalitse tšepiso ea hae hobane ke ’na morena ea hlahlamang ntate oa ka Davida ’me ke lutse teroneng ea Iseraele+ feela joalokaha Jehova a ne a tšepisitse.+ Hape ke hahile ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Molimo oa Iseraele. 11 Ntlong eo, ke behile Areka e nang le selekane+ seo Jehova a ileng a se etsa le sechaba sa Iseraele.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela