-
2 Likronike 6:18-21Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Empa na kannete Molimo o tla lula le batho lefatšeng?+ Maholimo a maholimo ha a u lekane.+ Joale ntlo ee eo ke u hahetseng eona e tla u lekana joang?+ 19 Jehova Molimo oa ka, mamela thapelo eo ke e etsang ho uena le kopo ea ka. ’Mamele ha ke lla ke kopa thuso. 20 E se eka u ka sheba ntlo ena bosiu le motšehare ’me u mamele thapelo eo ’na mohlanka oa hao ke e etsang ka sebaka sena, seo u itseng lebitso la hao le tla ba ho sona.+ 21 U mamele kopo ea ka le kopo eo sechaba sa hao sa Iseraele se e etsang se shebile sebakeng sena,+ u utloe u le maholimong+ moo u lulang teng ’me u re tšoarele.+
-