-
2 Likronike 7:19-22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
19 Empa haeba le ntlohela ’me le sa mamele melao le litaelo tsa ka tseo ke le fileng tsona ’me le sebeletsa melimo e meng ebile le e rapela,+ 20 ke tla felisa Baiseraele naheng eo ke ba fileng eona.+ Ntlo ena eo ke e halalelitseng bakeng sa lebitso la ka ke tla e tlosa ka pel’a ka ’me ke tla etsa hore e makalloe e be e tšehoe ke batho bohle.+ 21 Ntlo ena e tla senyeha. Motho e mong le e mong ea fetang o tla e makalla+ a re: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse naha ee le ntlo ee tjee?’+ 22 Ba tla re: ‘Ke hobane ba lahlile Jehova+ Molimo oa baholo-holo ba bona ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta+ eaba ba sebeletsa melimo e meng le ho e rapela.+ Ke ka lebaka leo a ba tliselitseng tlokotsi ena.’”+
-