-
2 Likronike 9:17-19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Morena a boela a etsa terone e kholo ea manaka a tlou ’me a e koahela ka khauta.+ 18 Ho ne ho e-na le litepisi tse tšeletseng tse eang teroneng e kopantsoeng le setuloana sa maoto sa khauta. Mahlakoreng a mabeli a setulo ho ne ho e-na le moo ho behoang matsoho, pel’a teng ho eme litau tse peli.+ 19 Ho ne ho e-na le litau tse 12+ tse emeng holim’a litepisi tse tšeletseng, tse ling li le ka lehlakoreng lena, tse ling li le ka lehlakoreng lane la litepisi. Ha ho na ’muso o mong o neng o entse ntho e tšoanang le ena.
-