Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 11:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 A re ho Jeroboame:

      “Inkele likotoana tse leshome hobane Jehova Molimo oa Iseraele o itse: ‘Ke tlosa ’muso ho Solomone ’me ke tla u fa maloko a leshome.+

  • 1 Marena 12:32
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Ka la 15 khoeling ea borobeli, Jeroboame a etsa mokete o joaloka mokete oa Juda.+ A etsa mahlabelo aletareng e Bethele+ bakeng sa manamane ao a neng a a entse le ho beha baprista libakeng tse phahameng tseo a neng a li entse Bethele.

  • 1 Marena 14:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ka lebaka leo, ke tlisa tlokotsi lelapeng la Jeroboame. Ke tla felisa bohle ba batona* lelapeng la hae, ho akareletsa le ba se nang thuso le ba se nang matla Iseraele. Ke tla fiela lelapa la Jeroboame+ feela joalokaha motho a tlosa bolokoe ho fihlela bo felile.

  • 2 Likronike 11:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Balevi ba tlohela libaka tsa bona le maruo a bona+ ’me ba tla Juda le Jerusalema hobane Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba lelekile hore ba se ke ba sebeletsa e le baprista ba Jehova.+

  • 2 Likronike 13:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Abija a ea ntoeng le masole a matla a koetlisitsoeng+ a 400 000. Jeroboame a itokisetsa ho ea mo loantša ka banna ba matla ba koetlisitsoeng ba 800 000.

  • 2 Likronike 13:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Jeroboame ha aa ka a hlola a e-ba le matla mehleng ea Abija. Jehova o ile a mo otla ’me a shoa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela