-
2 Likronike 10:1-4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Roboame a ea Shikeme+ hobane Baiseraele bohle ba ne ba tlile Shikeme ho tla mo etsa morena.+ 2 Jeroboame+ mora oa Nebate o ne a ntse a le Egepeta hobane o ne a balehile Morena Solomone.+ Ha a utloa ka taba ena, a khutla Egepeta. 3 Ba bitsa Jeroboame ’me eena le Baiseraele bohle ba tla ho Roboame ba re: 4 “Ntate oa hao o ne a re imelitse.+ Empa haeba u ka fokotsa mosebetsi o boima oo a re fileng oona ’me oa re tšoara hantle, re tla u sebeletsa.”
-