-
2 Likronike 11:1-4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Ha Roboame a fihla Jerusalema, a bokella banna ba leloko la Juda le la Benjamine+ e leng masole a koetlisitsoeng a 180 000 hore a loantše Baiseraele e le hore a khutlisetse borena ho eena.+ 2 Jehova a bua le Shemaia+ mohlanka oa Molimo oa ’nete a re: 3 “E-re ho Roboame mora oa Solomone morena oa Juda le ho Baiseraele bohle ba naheng ea Juda le ea Benjamine, 4 ‘Jehova o re: “Le se ke la e’o loantša bana ba bo lona. E mong le e mong a khutlele ha hae hobane ke ’na ea entseng hore ntho ena e etsahale.”’”+ Ba mamela seo Jehova a se buileng ’me ba khutla, ba se ke ba hlasela Jeroboame.
-
-
2 Likronike 25:5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Amazia a bokella Bajuda ’me a ba emisa ho ea ka malapa a bo-ntate ba bona, ho ea ka balaoli ba ba likete le ba ba makholo bakeng sa Juda eohle le Benjamine.+ A ngolisa ba lilemo li 20 ho ea holimo+ ’me kaofela ha bona e ne e le banna ba matla ba 300 000 ba koetliselitsoeng ho ea ntoeng. Ba ne ba tseba ho sebelisa lerumo le thebe e kholo.
-