Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 23:17, 18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ho se ke ha e-ba le ea mong oa barali ba Iseraele eo ebang letekatse la tempele+ leha e le hore mang kapa mang oa bara ba Iseraele a fetohe letekatse la tempele.+ 18 Le se ke la tlisa chelete e patetsoeng* letekatse la mosali kapa la monna* ka tlung ea Jehova Molimo oa lona e le ho phetha boitlamo ba bona hobane ba le babeli ke ntho e nyonyehang ho Jehova Molimo oa lona.

  • 1 Marena 15:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Asa a etsa lintho tse thabisang Jehova+ joaloka moholo-holo oa hae Davida. 12 O ile a tlosa matekatse a banna* naheng+ ’me a tlosa le litšoantšo tsohle tse rapeloang tse nyonyehang* tseo baholo-holo ba hae ba neng ba li entse.+

  • 1 Marena 22:46
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 46 O ile a boela a tlosa matekatse a banna*+ a neng a setse naheng ha ho ne ho busa ntate oa hae Asa.+

  • 2 Marena 23:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 A boela a senya libaka tseo matekatse a banna*+ a neng a lula ho tsona ka tlung ea Jehova le moo basali ba neng ba lohela masela a palo e halalelang.*

  • Hosea 4:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Nke ke ka fa barali ba lona kotlo ka lebaka la botekatse ba bona

      Kapa ka otla lingoetsi tsa lona ka lebaka la bofebe ba tsona

      Hobane banna ba tsamaea le matekatse

      Ebile ba etsa mahlabelo le matekatse a tempele.

      Batho bao ba se nang kutloisiso+ ba tla felisoa.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela