-
1 Marena 10:16, 17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Morena Solomone a etsa lithebe tse kholo tse 200 tsa khauta e kopantsoeng le tšepe+ (thebe e ’ngoe le e ’ngoe e ne e entsoe ka khauta e boima ba lik’hilokramo tse ka bang supa*)+ 17 le lithebe tse nyenyane* tse 300 tse entsoeng ka khauta e kopantsoeng le tšepe (thebe ka ’ngoe e ne e entsoe ka khauta ea boima ba lik’hilokramo tse ka bang peli.*) Morena o ile a li beha ka har’a Ntlo ea Moru oa Lebanone.+
-
-
2 Likronike 12:9-11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Morena Shishake oa Egepeta a hlasela Jerusalema. A nka matlotlo a ntlo ea Jehova+ le a ntlo ea morena. A nka le lintho tsohle ho akarelletsa le lithebe tsa khauta tseo Solomone a neng a li entse.+ 10 Morena Roboame a etsa lithebe tsa koporo sebakeng sa tseo ’me a re li hlokomeloe ke balaoli ba balebeli ba neng ba lebela monyako oa ntlo ea morena. 11 Neng kapa neng ha morena a tla ntlong ea Jehova, balebeli ba ne ba kena ba nkile lithebe tseo. Ka mor’a moo, ba ne ba li khutlisetsa kamoreng ea balebeli.
-