-
2 Likronike 16:1-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Ha Asa a e-na le lilemo tse 36 a busa, Morena Basha+ oa Iseraele a hlasela Juda ’me a haha Rama+ e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea tsoang kapa ea kenang Juda ho Morena Asa.+ 2 Asa a ntša silevera le khauta matlotlong a ntlo ea Jehova+ le a ntlo ea morena, a li romela ho Morena Ben-hadade oa Siria+ ea neng a lula Damaseka a re: 3 “Ke entse selekane le uena joalokaha ntate oa ka a ne a se entse le ntate oa hao. Ke u romella silevera le khauta. Tloo ’me u khaole selekane sa hao le Morena Basha oa Iseraele e le hore a ka ntlohela.”
4 Ben-hadade a mamela Morena Asa ’me a romela balaoli ba hae ba masole hore ba hlasele metse ea Iseraele. Ba hapa motse oa Ijone,+ Dane+ le Abele-maime le libaka tsohle tsa polokelo tsa metse ea Nefthali.+ 5 Ha Basha a utloa ka taba ena, hang-hang a emisa mosebetsi oa hae oa ho haha Rama. 6 Morena Asa a bitsa Bajuda bohle, ba nka majoe le lifate tsa Rama+ tseo Basha a neng a haha ka tsona+ eaba o haha Geba+ le Mizpa+ ka tsona.
-