-
1 Marena 15:25-29Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 Nadabe+ mora oa Jeroboame e ile ea e-ba morena oa Iseraele ha Morena Asa a e-na le lilemo tse peli a busa Juda. Nadabe o busitse Iseraele ka lilemo tse peli. 26 A ’na a fosetsa Jehova le ho etsa lintho tse mpe tseo ntate oa hae a neng a li etsa+ ’me a etsa sebe se tšoanang le seo ntate oa hae a ileng a etsa hore Baiseraele ba se etse.+ 27 Basha mora oa Akija oa lelapa la Isakare a rera ho mo bolaea, a mo bolaela Gibethone+ eo e neng e le ea Bafilista, ha Nadabe le Baiseraele bohle ba thibeletse Gibethone. 28 Ha Morena Asa a e-na le lilemo tse tharo a busa Juda, Basha o ile a bolaea Nadabe ’me ea e-ba morena oa Iseraele. 29 Hang ha e e-ba morena, a bolaea bohle ba lelapa la Jeroboame, ha aa ka a siea le a le mong. O ile a ba felisa ho ea ka seo Jehova a neng a se buile ho mohlanka oa hae Akija oa Moshilo.+
-