Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 16:33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Akabe a boela a etsa palo e halalelang.*+ O ile a fosetsa Jehova Molimo oa Iseraele ho feta marena ’ohle a Iseraele a busitseng pele ho eena.

  • 1 Marena 21:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Akabe a khutlela ha hae a utloile bohloko a bile a nyahame ka lebaka la seo Nabothe oa Mojezriele a se buileng ha a re: “Nke ke ka u fa lefa la baholo-holo ba ka.” Akabe a paqama betheng a shebile leboteng a bile a hana le ho ja.

  • 1 Marena 21:20-22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Akabe a re ho Elia: “U mphumane sera sa ka!”+ Elia a re: “Ke u fumane. ‘Kaha u ikemiselitse ho etsa lintho tse sa thabiseng Jehova,+ 21 ke u tlisetsa mathata. Ke tla u bolaea ke be ke bolaee le banna bohle* ba tsoang lelapeng la hao,+ ho akarelletsa le motho ea se nang thuso le ea se nang matla Iseraele.+ 22 Ke tla etsa hore lelapa la hao le be joaloka lelapa la Jeroboame+ mora oa Nebate le lelapa la Basha+ mora oa Akija kaha u nkhalefisitse ’me u entse le hore Baiseraele ba etse sebe.’

  • 2 Marena 10:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Akabe+ o ne a e-na le bara ba 70 ba neng ba lula Samaria. Jehu a ngola mangolo ’me a a romela Samaria ho likhosana tsa Jezriele, baholo+ le bahlokomeli ba bana ba Akabe* a re:

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela