-
Daniele 10:8-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Ke ile ka sala ke le mong ’me ha ke bona pono ena e hlollang, ka felloa ke matla, sefahleho sa ka sa fetoha ’me ka sala ke khathetse haholo.+ 9 Ka mor’a moo, ka utloa a bua le ’na empa ha ke mo utloa, ka khaleha sefahleho sa ka se thetsitse fatše.+ 10 Ka utloa motho a ntšoara+ ka letsoho a ntšisinya hore ke tsohe. Eaba kea tsoha ke khumama ka mangole ke ntse ke itšoarelelitse fatše.
-