-
2 Likronike 18:12-16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Moromuoa ea neng a il’o bitsa Mikaia a re ho eena: “Baprofeta bohle ba re morena o tla atleha. Le uena ke kopa u bue lintho tse ntle.”+ 13 Mikaia a re: “Ke hlapanya ka Jehova ea phelang hore ke tla bua seo Molimo oa ka a tla mpolella sona.”+ 14 Ha Mikaia a fihla, morena a re ho eena: “Mikaia, re loantše Ramothe-gileade kapa ke e tlohele?” Mikaia a re: “Tsamaea u e’o e loantša ’me le tla e hlola.” 15 Morena a re ho eena: “Ke tla etsa hore u hlapanye ka makhetlo a makae e le hore u bue ’nete ’me u bue feela seo Jehova a u boleletseng sona?” 16 Mikaia a re: “Ke bone Baiseraele bohle ba hasane lithabeng joaloka linku tse se nang molisa.+ Jehova o itse: ‘Ha ba na morena. E-re e mong le e mong a khutlele ntlong ea hae ka khotso.’”
-