-
2 Likronike 18:18-22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Mikaia a re: “Utloa lentsoe la Jehova: Ke bone Jehova a lutse teroneng+ ea hae ’me mangeloi ’ohle+ a eme ka lehlakoreng la hae le letona le le letšehali.+ 19 Jehova a re, ‘Ke mang ea tla thetsa Morena Akabe oa Iseraele e le hore a ee Ramothe-gileade ’me a shoelle teng?’ Lengeloi le leng le ne le re tjena ’me le leng le re tjena. 20 Lengeloi+ le leng la tla ka pel’a Jehova la re, ‘Ke tla mo thetsa.’ Jehova a re ho lona, ‘U tla mo thetsa joang?’ 21 La re, ‘Ke tla thetsa baprofeta ba hae e le hore ba tle ba bue leshano.’ A re ho lona, ‘Tsamaea u e’o mo thetsa hobane u tla atleha.’ 22 Jehova o entse hore baprofeta bana ba hao ba bue leshano+ empa ha e le hantle Jehova eena o ikemiselitse ho u fa kotlo.”
-
-
Daniele 7:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Ka ’na ka sheba ho fihlela literone li behoa libakeng tsa tsona ’me Moholo-holo oa Matsatsi+ a lula fatše.+ Liaparo tsa hae li ne li le tšoeu joaloka lehloa+ ’me moriri o hloohong ea hae o le joaloka boea bo hloekileng. Terone ea hae e ne e le malakabe a mollo, mabili a eona e le mollo o tukang.+ 10 Mollo o tsoang ka pel’a hae+ o ne o phalla joaloka nokana. O ne a sebeletsoa ke likete tsa likete le limilione tse ngata* li ne li eme ka pel’a hae.+ Lekhotla+ la lula ’me libuka tsa buloa.
-