29 Morena Jorame a khutlela Jezriele+ e le hore a e’o oka maqeba ao Basiria ba mo ntšitseng ’ona Ramothe* ha a ne a loana le Morena Hazaele oa Siria.+ Akazia mora oa Jorame morena oa Juda, a ea Jezriele ho ea bona Jorame mora oa Akabe hobane ba ne ba mo lemalitse.*
7 Molimo a etsa hore Akazia a ikise lefung la hae ka ho ea ho Jorame. Ha a fihla, a tsamaea le Jorame ho ea kopana le Jehu+ setloholo sa Nimshi, eo Jehova a neng a mo khethile hore a felise ba lelapa la Akabe.+